BreakingDitabaNews

Batho ba supileng ba thuntswe ba bolawa Orange Farm

Maobane ka Sontaha wala 13 Mphalane 2024, batho ba supileng ka palo ba thuntswe ba bolawa sebakeng sa baipehi sa Mokokotlong mosetseng wa Orange Farm botjhabela ba Johannesburg.

Mmuelli wa sepolesa Brigadier Brenda Muridili, o boletse hore sepolesa se ile sa bitsetswa sebakeng seo sa kgotsi, moo ho bileng ledi tlaleho tsa hore Batho ba supileng ka palo ba thuntswe ba bolawa sebakeng sa baipehi sa Mokokotlong mosetseng wa Orange Farm.

O re hoya ka ditlaleho e mong wa mahlasipa o ile a etela sebakeng sa boithabiso ka monahano wa hore o lo reka jwala, fela a fihla hose ho kwetswe sebakeng seo, moo a ileng a qetella a eba le diqwaketsano le mongwa tamene, yaba ka mora moo o boela lapeng.

Menyenyetsi e kuma hore mongwa tamene o ile a sala lehlasipa morao jwalo kaha lene leya lapeng moo ba lelapa ba neng ba keteka mokete wa ‘Lobola’ e leng Mahadi, me’ ke moo monga tamene o ile a kena lelapeng leo, nakong ya moketjana wa Mahadi moo a ileng a ba kubeletsa ka sefako sa dikulo, me’ o le a thula le hona ho bolaya Batho ba supileng ka palo, ho kenyeletswa le ngwana wa moshemane (3) e leng ditho tse hlano tsa lelapa lele leng, ha mmoho le mohaisane le motswalle.

Batho ba bane ka palo ba ile ba phonyoha, ha babedi ba bona e leng ya dilemo di-31 le ngwana ya nang le selemo ba ile ba potlakisetswa sepetlele ka mora hore batswe dikotsi, fela Mosadi ya dilemo di-24 le ngwana ya dilemo di nne ba satswa dikotsi.

“Mmelaellwa ho tlalewa o ile atswa a ya lapeng la hae le Evaton moo a ile a fihla a ithunya, me’ o ile a potlakisetswa sepetlele fela o hlokatse hang ha fihla sepetlele,” Ho boletse Brigadier Brenda Muridili.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

This site uses Akismet to reduce spam. Learn how your comment data is processed.