Gauteng e tla keteka Letsatsi la Ditokelo tsa Botho

Mmuso wa Porofense ya Gauteng, ka Labobedi, la 21 Hlakubele 2023, e tla tshwara sehopotso sa Letsatsi la Ditokelo tsa Botho Sharpeville, Sedibeng.

Kamora dilemo tse tharo tsa mesebetsi e tlase ya ka tlung ka lebaka la dithibelo tsa Covid 19, mmuso wa provense o tshwere letsatsi la pele la naha la selemo ka ketsahalo ya bongata e shebileng bonyane batho ba 5000.

Lenaneo la mekhahlelo e mene le tla qala ka mekete ya ho beha meqhaka bakeng sa bahlaseduwa bohle ba palo ya-69 ba polawo ya Sharpeville, le ho qetella ka lenaneo la boithabiso ba setso, le nang le ditsibi tsa ‘maloa tsa lehae le tsa naha.

Mafapha kaofela a mmuso wa Gauteng le mekgatlo e kang IEC, Tshepo 1-Milion le ba bang ba tla be ba le teng ho fana ka ditshebeletso tsa bona.

Lefapha la Bophelo bo Botle le tla fana ka ditshebeletso tsa bophelo bakeng sa diteko tse fapaneng tsa bongaka; Bodulo ba Batho bo tla ba teng bakeng sa ditaba tse amanang le matlo le Ntlafatso ya Sechaba, Polokeho ya Sechaba, Temo le tse ding di tla ba teng bakeng sa ditshebeletso tsa bona tse kenyeletsang lenaneo la Tokiso ya Dithethefatsi, Thibelo ya Botlokotsebe le Kabo ya Dijo ka ho tatellana.

Hape ho tla fanwa ka puo ya Bana le Mmaraka wa Bonono le Craft moo ditsibi tse fapaneng di tla bontsha le ho rekisa dintho tsa bona tsa kgale.

Tonakgolo ya Gauteng, Panyaza Lesufi o tla fana ka molaetsa wa letsatsi leo, ho bontsha setjhaba sa habo rona jwalo ka demokrasi e tiileng ya molaotheo, le ho aha Lebatowa la Toropo ya Gauteng le kopaneng la setjhaba le atlehileng.

Be the first to comment

Share your input on this article

This site uses Akismet to reduce spam. Learn how your comment data is processed.