Kgetha bahale ba dipapadi ba lehae bakeng sa Dikgau tsa Dipapadi tsa Gauteng
Ho se ho butswe mabitso a batho bakeng sa dikhau tse tumileng tsa dipapadi tsa Gauteng tsa selemo sena.
Dikgau tsa Dipapadi tsa Gauteng di fuwa selemo le selemo ho elellwa diphihlello tsa batho ba Gauteng ba dipapadi ba itetseng mme di bulehetse mang kapa mang ya dulang Gauteng.
Tlasa morero ya “Enabling Excellence, Inspiring The Youth”, dikhau di ile tsa thakholwa ka molao lebaleng la dipapadi la Ellis park, Johannesburg, haufinyane.
Ka ho ananela le ho keteka ba kentseng letsoho le leholo dipapading tsa Gauteng maemong ohle nakong ya selemo sa 2023, Dikgau tsa Gauteng Sport Awards ke bosiu ba masiu bakeng sa setjhaba sa dipapadi sa Gauteng.
Selemo se seng le se seng, ketsahalo ena e hlahisa dipale tsa batho le mekgatlo e makatsang eo mosebetsi wa bona o tswileng matsoho o thusang Gauteng hore e be toropo e mahlahahlaha.
Ketsahalo ya 12 ya selemo le selemo e ile ya bona lefapha le qaqisa mokgwa wa ho theha le dihlopha tsa dikhau.
Ba atlehileng lipapading ba ka kgethwa ke bankakarolo ba dipapadi (dikopano le makgotla a dipapadi), ba bapalang karolo, le sechaba.
Ka mora moo, sehlopha sa baahlodi se tla khetha batho ba bararo ba qetellang ka mekhahlelo e khethilweng ebe ba etsa qeto ya hore na ke mang. Mokgahlelong wa Sports Personality of the Year, sehlopha se tla kgetha bafenyi ba bararo ho isa ho ba bane, ’me sechaba se tla voutela mohlodi.
Bakeng sa dikhau tsa Lifetime Achievement, mofenyi o tla kgethwa ke MEC Morakane Mosupyoe. Mekgwa yohle e tla bewa leihlo ke sehlopha sa bahlahlobi ba ikemetseng.
Dikhau di tla ba le mekgahlelo e (20), ho kopanyelletsa le Sebapadi sa Selemo, Mosadi wa dipapadi wa Selemo, Sebapadi sa Dipapadi se Holofetseng sa Selemo, Mosali wa Lipapadi ya Holofetseng wa Selemo, Moatlelete wa Itshepisang ka ho Fetisisa wa Selemo, Sebapadi sa Selemo sa Amayanga-Yanga, Moqolotsi wa Ditaba wa Selemo. le Morati wa Selemo. Sehlopha se secha se kenyelleditsweng ke Setshwantsho sa Dipapadi sa Selemo.
MEC Morakane Mosupyoe o boletse hore ka dikgau tseo, lefapha le tshepile ho kgothatsa batjha ba nang le talente ho phatlalla le porofense hore ba ntshetse pele ho ba bomme le basadi ba kgaisano.
“Gauteng ke karolo e kgolo ka ho fetisisa ea dibapadi le bahale ba Afrika Borwa ‘me ke sebaka sa ho tswala talenta e tala, yeo ha e tsejwa le ho hlokomelwa, e ka phatlohang maemong a hodimo,” ho phaella MEC Masupyoe.
Bakhethwa ba tla kwalwa ka la 4 Phato, ka ketsahalo e benyang ya ho phatlalatsa bahlodi ba Dikhau tsa Dipapadi tsa Gauteng tse reretsweng ho tshwarwa ka Pulungwana.