DitabaGovernmentNews

Lefapha le thusa lelapa la mocha ho bula nyeo ya peto

Ka Mantaha wa la 13 Hlakola, lefapha la Gauteng la Ntshetso pele ya Sechaba le ile la thusa lelapa la ngwana ya dilemo di le-leshome le metso e mmedi ya imisitsweng (12) ke monna ya dilemo di le-mashome a mabeli a metso e tšeletseng (26), ho bula nyeo ya peto seteisheneng sa seponesa sa Booysens, Johannesburg.

Sehlopha sa Basebetsi ba Sechaba ba ile ba felehetsa lelapa leo ho ya seponeseng ho bula nyeo ya peto, ka morao hore maponesa a hane ho bula nyeo ya bohlokotsebe khahlanong le motho ya betang.

Ho ya ka mocha oo e ke keng a buiwa ka lebitso ho sireletseha,ngwana o ile a ikutlwa a kula,ka isuwa tleleniking ya sebaka seo ke ausi wa hae ngwahola ka Phato.

Baooki ba thusitseng ba ile ba kopa moradi hore otle le mme wa ngwana, A re ha a fihla tleliniking a jwetswa ka moo moradi wa hae ya dilemo di le-12 a imileng ka teng,o ile a fitisetswa tleliniking ya Teddy Bear bakeng sa tlhabollo le moradi wa hae.

“Itse ha re ilo tlaleha ditaba sepoleseng sa Booysens ra eletswa hore re ye ho buisana le motho ya betileng,leponesa le ile la re felehetsa ho ya ho melaelwa ena,moo a sa kang a hanetsa hore ke ena a entseng hore ngwana ya dilemo di le 12 a ime. O itse o ne a nahana hore ngwana o dilemo di le 15,” ho hlalosa Mme.

Maponesa a neng a lokela ho bula nyeo a re eletsa hore re buisane ka taba ena rele malapa me ke moo re ileng ra nka qeto ya ho emisa ho isa taba ena seponeseng ho fihlela re thola thusa ho ba Lefapha la Ntshetsopele ya Sechaba.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

This site uses Akismet to reduce spam. Learn how your comment data is processed.