Metsi a pompo Gauteng ahlwekile ha na Cholera
Lefapha la bophelo la Gauteng (GDoH) le lahlile hlahisoleseding e lonya ho Social Media e reng ho na le ngollano ya molao e eletsang sechaba hore se seke sa nwa metsi a dipompong.
Monghali Motaletale Modiba hlooho ya GDoH ya dipuisano e fana ka hlaloso ya taba ena:
“Re le lefapha la Bopheo bo botle re ikahela ha setotswana ditabeng tsena,tsebiso ha etswe lefapheng la bophelo ebile ha jo na bopaki ba jwale. Re khothaletsa sechaba ho itlwaetsa bohlweki ba matsoho pele ba tshwara dijo,batho ba hlape matsoho ka sesepa le metsi, Baahi ba khothaletswa ho se sebedise metsi a ditshila le metsi a libore tse sa hlwekiswang, re ntse re fana ka methati ya ho tshireletsa khahlanong le Cholera, ka hoo re tswela pele ka letsolo la thuto ho netefatsa hore batho ba tseba bohlokwa ba honwa metsi a phetseng hantle,le ho fana ka megwa ya hloekiso ya metsi.”
GDoH e khothaletsa sechaba hore se se ke sa tshoha hape ba etse bonnete ba hore ba netefatsa ditaba tseo ba nang le tsona webosaeteng ya GDoH, le se ke la dumela hlahisoleseding efe kapa efe esa netefatswang ebile e sena mohloli.
