Ngwana o hlokahetse nakong eo ntlo e neng echa Beverly Hills
Ngwananyana ya dilemo tse-4 eo le bitso la hae e leng Busisiwe Khumalo o e chelletse ka tlung ka Mantaha wala 29 July 2024.
Paul Khumalo, eo e le malome wa mofu o hlalosa hore, mochana wa hae eo e seng e le mofu, o ne a robetse phapusing yaho robala, kaha mangwane wa mofu a ne a robetse phapusing engwe.
Haya ka Khumalo o bolela hore Mme wa hae eo e leng Nkgono wa ngwana, o ne a sile ngwana ka tlung a robetse, kaha a ne a ilo lata ngwana e mong sekolong.
O re bahaisane ke bona ba boneng kgabo ya mollo nakong me ba leka ho thusetsa, moo bahaisane ba ileng ba kgona ho pholosa mangwane wa ngwana ka phapusing engwe, le hoja ba ile ba sitwa ho pholosa leseya le neng le robetse.
Paule o boletse hore ketsahalo ena e etsahetse thapama ya Mantaha, sepolesa leba ditshebetso tsa tshohanyetso ba ile ba bitsetswa sebakeng sa kotsi.ngwana ile tlalehwa a timetse sebakeng sa kotsi hang-hang.
Ba ditshebetso tsa dikoduwa ba ile ba tsibiswa ke molekgotla wa Ward 28 Cllr Cedric Davis, me’ ba ile ba tlisa tse ding tsa dintho tse hlokehang lapeng la Khumalo.
Se sosa sa mollo ha seso tsejwe ha jwale. Ba lelapa la Khumalo ba ntse ba bang hlophisa tsa lepato.
