Tekanyetso ea Gauteng e tla hlahiswa sechabeng
MEC ya Ditjhelete tsa Mmuso wa Gauteng, Jacob Mamabolo o tla hlahisa Puo ya Tekanyetso tsa Ditjhelete tsa 2023 tsa Gauteng (Budget Speech), lekgotleng la ketsamolao ka Labone la 9 Hlakubele 2023.
Tekanyetso ena e fihla e se pheletsong ya tsamaiso ya Porofense.
Ka hona tekanyetso ya MTEF ya 2023 e tla bontsha tshebetso ya ditjhelete ya Porofense, le ho fana ka dinthla tsa hore na mehlodi e teng e tla sebediswa jwang, ka hara tikoloho e tlileng ya ditjhelete tse ka sehlohong tsa mmuso wa provense ho ya pele.
Dintho tsena tse ka sehloohong di kenyeletsa ntwa kgahlanong le bohlokotsebe le boitlamo ba ho fetola maemo a bophelo a batho makeisheneng, mekhukhung le dihoseteleng (TISH).
Batho ba nang le thahaselo ya ho mamela MEC e fana ka tekanyetso ya ditjhelete ka ho toba ba ka etela maqephe a mecha ya ditaba tsa sechaba ya Treasury Gauteng kapa ba e shebella ho #GPBudget2023
