Mapolesa a qeta letsatsi le barutwana
Mohokahanyi ya sebetsang wa Thibelo ya Tlolo ya Molao ya Sechaba Katlehong Sargent Makeke, Mohokahanyi wa Dintwa tsa Malapeng, Batsamaisi ba Lekala le Seboka sa Sepolesa sa Sechaba ba etetse Sithand’izingane Day Care ka Laboraro la 29 Hlakubele 2023 ho qeta letsatsi le bana ha ba ntse ba fana ka dihlahiswa tsa bohlweki setsing sena.
E ne e le ho keteka kgwedi ya Ditokelo tsa Botho, Sepolesa se bone ho hlokahala ho etela bacha le ho ba ruta ka ditokelo tsa bana ba sa le banyenyane.
Kaha sena se tla thusa kgodisong ya bona ho ba baetapele ba molemo ba hosane le ho ba le tsebo ya se nepahetseng kapa se fosahetseng.
Mosuwe-hlooho le basebetsi ba hae ba ne ba thabetse ho ba le sepolesa sebakeng sa bona mme hape ba leboha monehelo oo ba o fumaneng.
Sgt Makeke o khothaleditse bahlokomedi hore e be batswadi ba bobedi ho bana bao, “ho ba bang ke le hae la bona la bobedi ho ba mona, hobane ba qeta boholo ba nako ba le setsing sena, athe hae e kanna ya ba liphofu tsa tlhekefetso kapa monyetla ya ho kenelwa malapeng. Le mathata malapeng a bona,” O boletse jwalo.


