News

Tonakholo Lesufi o fana ka SOPA ya pele6

By Nthabiseng Moloi

Tonakgolo ya Gauteng, Panyaza Lesufi o tla fana ka Puo ya Maemo a Porofense (SOPA) Holong ya Toropo ya Johannesburg ka Mantaha, 19 Hlakola.

Puo ena ya selemo le selemo e tla hlakisa kgatelopele le merero ya kamoso ya Mmuso wa Porofense ya Gauteng.

Ho tloha ha Lesufi a kgethelwa ho ba Tonakgolo, o totobaditse haholo tabeng ya ho sebetsana le ditlhoko tsa sechaba se phelang makeisheneng, mekhukhung le dihosteleng, tseo Tonakgolo a di bitsang ‘TISH’.

O boetse a behile taba ya bohlokwa ho sebetsana le taba ya tshebediso e mpe ya dithethefatsi, haholo-holo sethethefatsi sa Nyaope, ka ho thakgola mohala wa dihora tse 24 le ho beha batho ba makholo litsing tsa ntlafatso tsa mmuso mahala.

Ho hirwa ha bacha ho bonahetse phetoho e ntle profensing ka ho hirwa haufinyane tjena ha bacha ba fetang 6000 e le Balebedi ba Thibelo ea Botlokotsebe.

Mafapha a mang le ‘ona a latela mohlala ona ka matsholo a bona a ho hira batho ka bongata.

SOPA ke ketsahalo ya bohlokwa almanakeng ya Lekgotla la Ketsamolao la Gauteng mme e dumella Tonakgolo ho buisana ka leano la tshebetso la mmuso la phano ya ditshebeletso le dintho tse ka sehloohong bakeng sa selemo se tlang.

“SOPA ke lepatlelo la Tonakgolo ya Gauteng ho buisana ka leano la tshebetso la phano ya ditshebeletso tsa Mmuso le dintho tse tlang pele bakeng sa selemo se tlang,” ho boletse Lekgotla la Ketsamolao.

Maloko a Lekgotla la Ketsamolao le baeti ba ikgethileng ba tla tsenela ketsahalo ena, eo ho lebeletsweng hore e tla ba kopano ya semmuso e nang le mokoloko o tswang mafapheng a fapaneng a qobello ya molao profenseng.

Sechaba se ka latela ditsamaiso tsena hang-hang leqepheng la Marang-rang la Gauteng Provincial Legislature social media, sebelisa hashtag #GPSOPA2023.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

This site uses Akismet to reduce spam. Learn how your comment data is processed.