Molekgotla wa Mohleng o thuntswe a bolawa Evaton
By: Lesego Mohlamme
Pontsho Abel Sechauke eo e neng e le Molekgotla wa mohleng wa Evaton West, o fumanwe a thuntswe le hona ho bolawa ka sehloho ke Banna ba sa tsejweng ba neng ba hlometse ka dithunya.
Ketsahalo e na e soto e tsahetse ka Laboraro wala 4 Pherekgong ha nako le hora ya botshelela 18:00. Tseleng ya Eastern le Hamilton haufinyane le Tleliniki ya Levia Mbatha.
Mochana wa mofu eo e leng Terence Madona ya dilemo di mashome a mararo (30) o re o ile a bona ho ngotswe ho marang-rang a dikgokahango tsa sechaba tsa Facebook, fele o ne a sa nepe hantle hore ke mang ya bolauweng, ho fihlela a letsetsa lapeng la Malome wa hae ho batlisisa, ke moo Mamalome wa hae a ileng a netefatsa taba tsena.
Terence o re o bo hloko haholo ka ketsahalo ena e soto e tsahetse ka Malone wa hae, o boletse hore malome wa hae o ne atswe kgale ditabeng tse amang le dipoloti ha mmoho letsa indasteri ya matekesi.
O re ba saretswe haholo e le lelapa me’ ho tlaba nka nako hore ba thobe maikutlo a bona, me’ o ile a boela a hlalosa hoya ka moo Malome wa hae e neng e le motho ya senang dikgathatso le hore e ne e motho a bonolo haholo e bile o ne a sa rate meferefere kapa batho ba kgohanang ka mantswe.
Me’ o ipeleditse ho ditho tsa baahi hore motho ya bone ha ketsahalo ena e soto e tsahala a thusane le sepolesa ka lesedi leka lebisang ho tshwarweng ha etsi ba ketso ena e soto.
Ngwana wabo mosadi wa mofu e leng Puleng Phuthulo ya dilemo di mashome a maroro le metso e mehlano (35) o boletse hore lefu Abel leba sile ba maketse fela, me’ ka mora hore a fumane mohala o motsebisang ka ditaba tsena, o le a potlaka hang-hang hoya sebake sa kotsi, o re ha fihla sebakeng sa kotsi o ile a botsa hore ho etsahala, yaba batho ba neng bale moo ba ile ba mojwetsa hore motho ya thuntsweng ke Molekgotla wa mohleng wa Evaton West, yaba o bona koloi ya mofu ya moetso wa Mercedes Benz, fela ka lebaka la hore mapolesa o ne a se a fihlile sebakeng sa kotsi ha kaba a kgona hore a ka atomela bo bona mofu fela o le netefaletswa ke ho bona koloi ya hae.
O re lefu Ntate Sechauke e ba lemaditse haholo dipelo le moyeng ya bona.
T. J Mokheseng ya dilemo di mashome a tsheletseng (60) eo e leng ra kgwebo ka hare ho Khutlo Tharo eo Lekoa o re Abel Sechauke e ne e le motswalle wa hae ho tloha bonyaneng hae sale ba phelela mmoho ho fihle ka tsatsi la hae laho qetela lefatsheng, e re mofu o ne a sebetsa mmoho le yena ka mora hore a batswe ka hare ho indasteri ya matekesi, o re mofu o ne a se tsule ka hare ho dipoloti, o re ha kgone ho fumane hore motswalle wa hae o bolaetsweng.
O re ka Laboraro la ketsahalo ena e soto, mofu o ne satswa ho arohana le yena.
O ne tsamaya le mochana waka motho e nang a tlo lukisa motlakase lebenkeng laka, kaha a ne a ba feletsa ka mora hore re kwale lebenkele, ka mora nako e seng kae ke ile ka fumana mohala ho motho eo kesa motsebeng a mpolella hore Abuti waka o thuntswe pela Levia Mbatha Clinic, nna kene ke nahana hore ke Abuti waka wa Madi a nthuntsweng fela ke ipotsa hore o etseng ho name e se e teduputswa.
Hake fihla sebakeng sa kotsi ke ile ka bona koloi ya motswalle waka yaba ke fellwa ke matla hore ho etsahetseng, itse hake mosheba ke ile ka fumana kese kesa motsebe hoya ka moo a neng a le kateng, o ne thuntswy sefahleho le hlohong. Ke felletswe ka matla le mantswe ke lahletse ke motho eo ke neng ke motshepa e ne Abuti ho nna,ke lahletswe ke tsohle. Ho buile T.J Mokheseng.
Mmuelli wa sepolesa sa Sedibeng Cst Thulisile Msibi o re nyeo ya polao e butswe, me’ se sosa sa kotsi ena ha seso tsejwe mothating ona, me’ motho mang kapa mang ya nang le lesedi leka lebisang ho tshwarweng ha ba etsi ba ketso ena, a tle ka pele ho thusana le sepolesa sa Sedibeng.

