DitabaLocalNews

Sedibeng se hopola Polao ya Sharpeville 1960

Ho lahleheloa ke ‘m’e, e tla dula e le ntho e bohloko ho Margaret Salanyane.

Salanyane ya dilemo di-67, o ile a hlokahallwa ke ’mmae a le dilemo tse tsheletseng nakong ya polao ya Sharpeville e ileng ya siya batho ba palo ya-69 ba shwele ’me ba-180 ba tswa dikotsi tse mpe.

Ha a bua le boraditaba nakong ya sehopotso sa Ditokelo tsa Botho motseng wa Sharpeville, Sedibeng. Salanyane o re letsatsi leo ha le tlise letho ha e se maswabi le masisa-pelo ho yena.

“Letsatsi lena le tlisa maswabi hobane ke ne ke tla rata ho tshana le bana ba bang ba holetseng le batswadi ba bona le hoja ke le moholo nakong ya jwale, ke ne ke le dilemo tse tsheletseng ha a hlokahala.

“Bo mm’e ke batho ba khethehileng bophelong ba motho e mong le e mong, empa apartheid e ile ya re amoha yena kapa tokelo eo. Jwalo ka ha o tseba, ha ntho e ‘ngwe le e ‘ngwe e etsahala, ekaba ha owa, o bitsa ‘mmao, empa ha kea ka ka bitsa wa ka,” ho boletse Salanyane.

A re o ne a ile ho reka dikuku tsatsing leo ha batho ba bangata ba bokane seterateng sa Seiso empa ba sa utlusise se etsahalang.

E le mahlatsipa a letsatsi leo le mahlonoko, Salanyane o re ha ba so fumane thuso ho tswa mmusong.

“Re le malapa a mahlatsipa a polao ya Sharpeville, ha ho letho leo re le etsetswang, ha re fumane le liphuthelwana tsa dijo, ba re lebetse.

“Mmuso o hlolehile, ha re e so fumane ditlhapiso le ho tloha ha Nelson Mandela e le Mopresidente,” o boletse jwalo.

Ditletlebo tsa bahlaseduwa di ne di fapana ho tloha ka maemo a bophelo ho ya ho kgaello ya meriana ditsing tsa bophelo.

Letona la Dipapadi, Bonono, Setso le Boithapollo (SARC), MEC Morakane Mosupye o amohetse hore ho bile le diqholotso mabapi le ba sotlehileng ka lebaka la la 21 Hlakubele 1960.

“Baholo ba rona ba tletleba ka hore ba sokola, ke ’nnete, ke ka hona re tlisitseng mafapha ’ohle a ’mmuso kajeno hore a tle a thuse ka tsohle tseo ba dihlokang.

“Ditshebeletso tsa ‘mmuso di teng, ‘me le teng, ha re mona ho tla keteka letsatsi lena feela empa ho le hopotsa hore mmuso o sebetsa letsatsi le letsatsi,” ho boletse MEC Mosupye.

Motsamaisi e Moholo wa Emfuleni, Sipho Radebe o re sehopotso sa Letsatsi la Ditokelo tsa Botho ke kgopotso ya ntwa e telele le e boima ya batho.

Radebe o itse tshepo ya bona le ya masepala le takatso ya maAforika Boroa ke hore motho e mong le e mong, sechaba, le lelapa ba thabele ditokelo le tokoloho tse ileng tsa lwanwa ka matla.

“Apartheid e putlame empa re tlameha ho tswela pele ho hatela pele le ho fihlela se molemo bakeng sa batho ba rona,” o boletse jwalo.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

This site uses Akismet to reduce spam. Learn how your comment data is processed.